24 Banna ba Iseraele ba ne ba khathetse haholo letsatsing leo hobane Saule o ne a entse hore ba hlapanye hore ba ke ke ba ja lijo pele e e-ba mantsiboea le pele a hlola lira tsa hae, ho seng joalo ba tla hlaheloa ke tlokotsi. Ka lebaka leo, ha ho na motho ea ileng a ja.+