Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 41:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Kahoo, setsebi sa mosebetsi oa matsoho se matlafatsa ea sebetsang ka tšepe.+

      Ea batalatsang tšepe ka hamore

      O matlafatsa ea otlelang tšepe tšetlong.*

      Ea batalatsang tšepe o re: “Tšepe e lokile.”

      Ka mor’a moo, setšoantšo se kokoteloa ka lipekere hore se se ke sa ketoha.

  • Esaia 46:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ho na le batho ba ntšang khauta e ngata lipacheng tsa bona.

      Ba bekha silevera sekaleng.

      Ba hira motho ea sebetsang ka tšepe ebe o etsa molimo ka silevera eo.+

      Ba itihela fatše ka lifahleho, baa o rapela.*+

       7 Ba phahamisetsa molimo eo mahetleng a bona,+

      Baa o jara, ba o behe sebakeng sa oona ebe o ikemela moo feela.

      Ha o tlohe sebakeng sa oona.+

      Baa o hoeletsa empa ha o arabe.

      Ha o khone ho pholosa mang kapa mang tsietsing.+

  • Jeremia 10:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Etsoe meetlo ea lichaba ha e na thuso.

      Setsebi sa mesebetsi ea matsoho se rema sefate morung

      Ebe ka sona se etsa setšoantšo.+

       4 Ba se khabisa ka silevera le khauta+

      Ebe ba se kokotela ka hamore le lipekere e le hore se se ke sa oa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela