Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 43:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Lichaba kaofela li ke li phuthehe sebakeng se le seng

      ’Me batho ba bokane.+

      Ke mang har’a tsona* ea ka bolelang lintho tsee?

      Kapa na li ka etsa hore re utloe lintho tsa pele?*+

      Li ke li hlahise lipaki tsa tsona e le hore li ipake li nepile

      Kapa li utloe ’me li re, ‘Ke ’nete!’”+

  • Esaia 44:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Ke mang ea kang ’na?+

      A ke a bue ka sebete, a cho ’me a mphe bopaki.+

      Na ho na le motho ho tloha nakong eo ke neng ke theha sechaba sa khale,

      Ea ka bolelang lintho tse tlang

      Le tseo e leng hona li tla etsahala?

  • Esaia 45:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ba ke ba* etse tlaleho ea bona, ba teke nyeoe ea bona,

      Ba rerisane hammoho ba entse ngatana-’ngoe.

      Ke mang ea ileng a profeta lintho tsee ho tloha khale,

      A li phatlalatsa ho tloha linakong tse fetileng?

      Na ha se ’na, Jehova?

      Ha ho Molimo e mong haese ’na.

      Ke Molimo ea lokileng le Mopholosi,+ ha ho e mong ntle le ’na.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela