Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esthere 8:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Liprofinseng tsohle le metseng eohle moo taelo ea morena le molao oa hae li ileng tsa phatlalatsoa teng, ha e-ba le nyakallo le thabo e khaphatsehang ’me ha etsoa mekete. Batho ba bangata naheng eo ba ne ba ipolela hore ke Bajuda+ kaha ba ne ba tšaba Bajuda.

  • Esaia 14:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Jehova o tla hauhela Jakobo+ ’me a khethe Baiseraele hape.+ O tla ba tsitsisa* naheng ea bona+ ’me balichaba ba ikopanye le bona. Ba tla ikamahanya le ntlo ea Jakobo.+ 2 Lichaba li tla ba nka li ba khutlisetse sebakeng sa bona ’me ntlo ea Iseraele e tla inkela banna le basali ba tsona e ba etse basebeletsi+ naheng ea Jehova. Ba tla hapa ba neng ba ba entse batlamuoa ’me ba laole bahatelli ba bona.*

  • Esaia 49:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Marena e tla ba bahlokomeli ba hao+

      Le likhosatsana tsa ’ona e be baoki ba hao.

      Ba tla u inamela lifahleho li shebile fatše,+

      Ba tla ikokobeletsa uena*+

      ’Me joang kapa joang u tla tseba hore ke ’na Jehova.

      Ba ntšepang ba ke ke ba soaba.”+

  • Esaia 60:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Bara ba batho ba ileng ba u hlorisa ba tla tla ’me ba u inamele.

      Bohle ba u tellang ba lokela ho khumama maotong a hao,

      Ba tla lokela ho u bitsa motse oa Jehova,

      Sione ea Mohalaleli oa Iseraele.+

  • Esaia 61:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 “Batho bao le sa ba tsebeng ba tla tla ba lise mehlape ea lona,

      Balichaba+ e tla ba lihoai tsa lona le balemi ba lona ba morara.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela