Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.

  • Esaia 42:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Ke mang ea nehetseng Jakobo hore e nkeloe thepa ka mahahapa

      Le ea nehetseng Iseraele ho ba tlatlapang?

      Na ha se Jehova, eo ba mo sitetsoeng?

      Ba hanne ho tsamaea litseleng tsa Hae

      Le molao* oa Hae ba ne ba sa o mamele.+

      25 Kahoo, A ’na a tšollela khalefo ea hae ho eena,*

      Bohale ba hae le matla a ntoa.+

      Ntoa ea timetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe pel’a hae empa ha aa ka a ela hloko.+

      Mollo oa mo tukela empa ha ho letho leo a neng a le tebisetsa pelong.+

  • Zakaria 1:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Lichaba tse nahanang hore li sireletsehile ke li halefetse haholo+ hobane ke ne ke halefetse batho ba ka hanyenyane+ empa lichaba tseo tsona li ba utloisitse bohloko haholo.”’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela