Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 31:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Jehova a re ho Moshe: “U haufi le ho shoa.* Sechaba sena se ke ke sa ntšepahalla ebile se tla rapela melimo ea naha eo se eang ho eona.+ Se tla mphuralla+ ’me se tlole selekane sa ka seo ke se entseng le sona.+ 17 Ka nako eo, ke tla se halefela haholo+ ’me ke se lahle,+ ke se patele sefahleho sa ka+ ho fihlela se felisitsoe. Ka mor’a hore se hlaheloe ke litlokotsi tse ngata le mathata,+ se tla re, ‘Na ha re hlaheloe ke mathata aa hobane Molimo oa rona a se har’a rona?’+

  • 2 Likronike 36:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.

  • Lillo Tsa Jeremia 2:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Jehova o ripitlile libaka tsa Jakobo a se na le mohau.

      Ka bohale o qhaqhile libaka tsa Jerusalema* tse sirelelitsoeng.+

      O theoletse ’muso+ le likhosana+ tsa Juda tlase, a mo tlotlolla.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela