Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 E-re ho mohlanka oa ka Davida, ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke u nkile naheng moo u neng u lisa mohlape,+ ka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+

  • 2 Samuele 7:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla busa ka ho sa feleng le terone ea hao e tla tiisoa ka ho sa feleng.”’”+

  • 2 Samuele 23:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Na ntlo ea ka ha e joalo ka pel’a Molimo?

      O entse selekane sa ka ho sa feleng le ’na,+

      Se hlophisitsoeng hantle nthong e ’ngoe le e ’ngoe le se ke keng sa fetoha.

      Se bolela poloko eohle ea ka le thabo eohle ea ka,

      Na ha se lona lebaka leo a tla etsa hore se atlehe?+

  • Pesaleme 89:28, 29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ke tla mo rata ka ho sa feleng,+

      Selekane sa ka le eena se ke ke sa fela.+

      29 Ke tla etsa hore litloholo* tsa hae li lule li le teng ka ho sa feleng

      Le ’muso oa hae o lule o le teng joaloka maholimo.+

  • Jeremia 33:25, 26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Jehova o re: ‘Feela joalokaha ke entse selekane sa ka mabapi le bosiu le motšehare+ le melao* ea leholimo le lefatše,+ 26 ka ho tšoanang le ka mohla nke ke ka lahla litloholo tsa Jakobo le tsa mohlanka oa ka Davida eaba ha ke khethe marena a tla busa bana ba Abrahama, Isaka le Jakobo har’a litloholo tsa hae. Ke tla bokella batho ba bona ba hapuoeng+ ’me ke tla ba hauhela.’”+

  • Liketso 13:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Molimo o ile a mo tsosa a se a ke ke a khutlela ’meleng o ka bolang. A tiisa hore taba ena ke ’nete ha a re: ‘Ke tla le fa lerato la sebele* leo ke le tšepisitseng Davida. Tšepiso ena e tla phethahala.’*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela