28 Ha Jesu a qeta ho bua mantsoe ana, batho ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka eona+29 kaha ha a ba ruta, ho ne ho utloahala hore o fuoe matla a bolaoli ke Molimo.+ O ne a sa ba rute joaloka bangoli ba bona.
42 Mofumahali oa boroa o tla tsosoa bafung le batho ba moloko ona ka Letsatsi la Kahlolo ’me o tla ba ahlola hobane o ile a tla a tsoa sebakeng se hole haholo ho tla bona kamoo Solomone a leng bohlale kateng.+ Empa ea teng mona o bohlokoa ho feta Solomone.+