Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 A etsa hore morena oa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaee bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa ea kulang.+ Molimo a etsa hore a felise lintho tsohle.+

  • Jeremia 51:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Babilona e ’nile ea e-ba kopi ea khauta letsohong la Jehova,

      O tahile lefatše lohle.

      Lichaba li tahiloe ke veine ea hae.+

      Ke ka lebaka leo li hlanyang.+

  • Ezekiele 29:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ke fa Morena Nebukadnezare* oa Babilona+ naha ea Egepeta. O tla nka maruo ’ohle a eona e be o patala masole a hae.’

  • Daniele 5:18, 19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Morena, Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa o ile a fa ntate oa hao Nebukadnezare ’muso, boholo, tlotla le ho hlompheha.+ 19 Ka lebaka la boholo boo Molimo a ileng a mo fa bona, batho ba lichaba tsohle, merabe le lipuo tse fapaneng, ba ne ba thothomela ka pel’a hae ba mo tšaba.+ O ne a bolaea motho eo a batlang ho mo bolaea kapa a hauhela eo a batlang ho mo hauhela ’me o ne a phahamisa eo a batlang ho mo phahamisa a bile a tlotlolla eo a batlang ho mo tlotlolla.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela