-
2 Marena 3:24, 25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Ha ba fihla litenteng tsa Baiseraele, Baiseraele ba ba hlasela ’me Bamoabe ba baleha.+ Ba ba lelekisa ho fihlela Moabe ba ntse ba ba bolaea. 25 Ba felisa metse eohle. Banna bohle ba tlatsa majoe masimong, ba koala mehloli eohle ea metsi+ ’me ba rema le lifate tsohle tse behang.+ Ho ile ha sala feela marako a entsoeng ka majoe a Kire-haresethe+ ’me masole a neng a pota-potile motse, a o hlasela ka majoe a sebelisa matjeketjane.
-