-
Esaia 20:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Eaba Jehova o re: “Feela joalokaha mohlanka oa ka Esaia a ile a tsamaea a hlobotse, a sa roala letho maotong ka lilemo tse tharo e le pontšo+ le temoso e eang ho Egepeta+ le Ethiopia,+ 4 morena oa Asiria o tla etella pele batlamuoa ba Egepeta+ le ba Ethiopia, bashanyana le banna-baholo ba hlobotse ’me ba sa roala letho maotong le marao a le ka ntle, e le ho tlotlolla Egepeta.
-