12 Ke tla kena naheng ea Egepeta bosiung bona, ke bolaee matsibolo ’ohle a naha ea Egepeta, a batho le a liphoofolo+ ’me ke tla ahlola melimo eohle ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova.
12 Ke tla hotetsa matlo* a melimo ea Egepeta+ ’me morena oa Babilona o tla a chesa a be a hape melimo eo. O tla hapa naha ea Egepeta habonolo feela joalokaha molisa a ithatela ka seaparo sa hae ’me o tla tloha teng ka khotso.*
25 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke tla otla Amone+ molimo oa motse oa No,*+ ke otle Faro, Egepeta hammoho le melimo ea eona+ le marena a eona. Ke tla otla Faro le bohle ba mo tšepileng.+
13 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla boela ke felise le litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang* le melimo e se nang thuso ea Nofe.*+ Ho ke ke ha hlola ho e-ba le khosana naheng ea Egepeta ebile ke tla etsa hore naha eo e tšohe.+