Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 25:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Kahoo, ka nka senoelo letsohong la Jehova ’me ka noesa lichaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona.+

  • Jeremia 25:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 marena ’ohle a Tire, a Sidone+ le a sehlekehleke se leoatleng,

  • Jeremia 47:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Ho tla fihla letsatsi la hore Bafilista bohle ba felisoe.+

      Bohle ba neng ba thusa Tire+ le Sidone+ ba tla felisoa.

      Jehova o tla felisa Bafilista

      Ba setseng sehlekehlekeng sa Kaftore.*+

  • Ezekiele 26:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ka lebaka leo, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Uena Tire, ke tla u ahlola ke etse hore lichaba tse ngata li u loantše feela joalokaha leoatle le nyolla maqhubu a lona.

  • Ezekiele 27:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 “Uena mor’a motho, binela Tire koli-ea-malla.*+

  • Joele 3:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Lona Tire, Sidone le lona libaka tsohle tsa Filistia,

      Le se nka kae sebete sa ho nketsa tjee?

      Na ho na le ntho e mpe eo ke le entseng eona?

      Na lea iphetetsa? Haeba ho joalo,

      Ke tla iphetetsa ka lebaka la lintho tseo le ba entseng tsona.+

  • Amose 1:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Jehova o re:

      ‘Baahi ba Tire+ ba ntšitetsoe ka makhetlo-khetlo.* Kahoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse

      Hobane ba ile ba isa sehlopha sa batho ba hapuoeng Edomo

      Hape ba lebetse selekane sa bana ba motho.+

      10 Ke tla romela mollo lerakong la Tire.

      O tla chesa litora tsa eona tse sirelelitsoeng.’+

  • Zakaria 9:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Tire e ikahetse lerako* hore e itšireletse.

      E bokeletse silevera joaloka lerole

      Le khauta joalo ka matlakala a literateng.+

       4 Jehova o tla e nkela thepa ea eona,

      O tla lahlela masole a eona leoatleng+

      ’Me e tla chesoa ke mollo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela