Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 19:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Moshe a nyolohela ho Molimo oa ’nete ’me Jehova a bua le eena a le thabeng+ a re: “Sena ke seo u tla se bolella ba lelapa la Jakobo le ho se bolella Baiseraele,

  • Exoda 19:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Haeba le tla ’mamela linthong tsohle ’me le boloke selekane* sa ka, le tla ba thepa ea ka e khethehileng* har’a lichaba tsohle+ hobane lefatše lohle ke la ka.+

  • Exoda 24:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 A nka buka ea selekane,* a e balla sechaba.+ Eaba se re: “Sohle seo Jehova a se boletseng re ikemiselitse ho se etsa ’me re tla mo mamela.”+

  • Jeremia 31:32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Hape Jehova o re: “Se ke ke sa tšoana le selekane seo ke ileng ka se etsa le baholo-holo ba bona letsatsing leo ke neng ke ba tšoere ka letsoho ho ba ntša naheng ea Egepeta+ ‘e leng selekane sa ka seo ba ileng ba se fetohela,+ le hoja ke ne ke le mong’a bona.’”*

  • Jeremia 34:18-20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 ‘Ho tla etsahala tjena ka batho ba fetohetseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha mantsoe a selekane seo ba se entseng ka pel’a ka ka ho seha namane ka lehare ebe ba feta pakeng tsa eona*+ 19 e leng likhosana tsa Juda le tsa Jerusalema, liofisiri tsa lekhotla, baprista le batho bohle ba naha ba ileng ba feta pakeng tsa namane e sehiloeng ka lehare: 20 Ke tla ba nehella lira tsa bona le batho ba batlang ho ba bolaea ’me litopo tsa bona e tla ba lijo tsa linonyana tsa maholimo le libata tsa lefatše.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela