Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 6:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Eaba ke re: “E tla ba ho fihlela neng Jehova?” A re:

      “Ho fihlela metse e heleha hore e be lithako, e hloke baahi.

      Ho fihlela matlo a hloka batho

      Le naha e senngoa hore e be lithako.+

      12 Ho fihlela Jehova a suthisetsa batho hole+

      Le naha e sala e se na baahi.

  • Jeremia 26:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 “Mehleng ea Ezekiase+ morena oa Juda, Mikea+ oa Moreshethe o ne a profeta ’me a re ho batho bohle ba Juda: ‘Jehova oa mabotho o re:

      “Sione e tla lengoa joaloka tšimo,

      Jerusalema e tla fetoha qubu ea majoe+

      ’Me thaba ea tempele* e tla tšoana le leralla le nang le lifate.”’*+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Ekare Jehova ke sera.+

      O ripitlile Iseraele.

      O helelitse litora tsohle tsa hae,

      O sentse libaka tsa hae tse sirelelitsoeng.

      O etsa hore ho sareloa le seboko li ate Jerusalema.*

  • Ezekiele 36:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 lona lithaba tsa Iseraele, utloang lentsoe la Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho lithaba, maralla, linokana, likhohlo, libaka tse sentsoeng+ le metse e lahliloeng e seng e hapiloe le eo batho ba phonyohileng ba tsoang lichabeng tse e potolohileng ba e somang,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela