Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 30:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Jehova Molimo oa lona o tla le lata botlamuoeng+ a le bontše mohau+ ’me a boele a le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona.+

  • Nehemia 1:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Empa ha le ka khutlela ho ’na, la boloka litaelo tsa ka le ho li phetha, le hoja le ka hasanngoa la ba hole pheletsong ea lefatše, ke tla le bokella+ ho tsoa moo ’me ke le tlise sebakeng seo ke khethileng ho etsa hore lebitso la ka le lule ho sona.’+

  • Esaia 11:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Letsatsing leo, Jehova o tla ithaopela ho bontša matla a hae ka lekhetlo la bobeli, bakeng sa ho lata batho ba hae ba setseng Asiria,+ Egepeta,+ Pathrose,+ Kushe,+ Elame,+ Shinare,* Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+ 12 O tla phahamisetsa lichaba letšoao* ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele.+ Ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše.+

  • Amose 9:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ke tla lata sechaba sa ka sa Iseraele se neng se hapuoe,+

      Ba tla nchafatsa metse ea bona ’me ba lule ho eona,+

      Ba tla lema masimo a morara ebe ba noa veine ea oona,+

      Ba be ba je lintho tseo ba li lemmeng masimong a bona.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela