-
Mareka 7:32-35Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
32 Ba mo tlisetsa monna ea sa utloeng litsebeng a bile a sa khone ho bua hantle+ eaba ba mo kopa hore a mo behe matsoho. 33 A mo nkela lekunutung, a kenya menoana ka litsebeng tsa hae eaba o tšoela mathe o thetsa leleme la hae.+ 34 A sheba leholimong, a hemela holimo ’me a re ho eena: “Effatha” e bolelang, “Buleha.” 35 Litsebe tsa hae tsa buleha,+ hape a qala ho bua hantle.
-
-
Luka 7:22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Jesu a re ho barutuoa ba Johanne: “Tsamaeang le bolelle Johanne hore na le utloile’ng le hore na le bone’ng: Hona joale ba foufetseng baa bona,+ ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba folisoa, ba sa utloeng litsebeng baa utloa+ le bafu ba ntse ba tsosoa, bafutsana bona ba bolelloa litaba tse monate.+
-