Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 15:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ke molimo ofe har’a melimo ea joaloka uena, Jehova?+

      Ke mang ea joaloka uena, ea halalelang ka ho fetisisa?+

      U lokela ho tšajoa le ho rorisoa ka lipina, uena ea etsang lintho tse makatsang.+

  • 2 Marena 19:22-24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Na oa tseba hore ke mang eo u mo rohakang le ho mo tella?+

      Ke mang eo u mo halefetseng+

      Le ho mo sheba hampe?

      Ke Mohalaleli oa Iseraele.+

      23 U nyefotse Jehova+ u sebelisa baromuoa ba hao+ oa re:

      “Ka likariki tsa ka tsa ntoa tse ngata

      Ke tla hloella ka holim’a lithaba,

      Libakeng tse hole tsa Lebanone.

      Ke tla rema lifate tsa eona tsa kedare tse telele le lifate tsa eona tse ntle tsa junipere.

      Ke tla fihla lithabeng tsa eona tse hole ka ho fetisisa, morung oa eona o teteaneng haholo.

      24 Ke tla cheka liliba, ke noe metsi a balichaba.

      Ke tla pshesa linokana* tsohle tsa Egepeta ka maoto a ka.”

  • Esaia 10:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Letsatsing leo, ba setseng ba Iseraele

      Le ba phonyohileng ba ntlo ea Jakobo

      Ha ba sa tla hlola ba itšetleha ka ea ba otlileng+

      Empa ba tla itšetleha ka Jehova,

      Mohalaleli oa Iseraele, ka botšepehi.

  • Ezekiele 39:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ke tla etsa hore sechaba sa ka sa Iseraele se tsebe lebitso la ka le halalelang. Ha ke sa tla lumella hore lebitso la ka le halalelang le silafatsoe. Lichaba li tla tseba hore ke ’na Jehova+ Molimo ea Halalelang Iseraele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela