-
2 Marena 20:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Matsatsing ao Ezekiase a kulela lefu.+ Eaba moprofeta Esaia mora oa Amoze o fihla ho eena o re, “Jehova o re: ‘Fana ka litaelo ho ba lelapa la hao hobane u ke ke oa fola empa u tla shoa.’”+ 2 A sheba leboteng ’me a rapela Jehova a re: 3 “Kea u kopa hle Jehova, ke kopa u hopole kamoo ke u sebelelitseng ka botšepehi kateng le ka pelo eohle ’me ke etsa lintho tse u thabisang.”+ Ezekiase a lla habohloko.
-