-
Joshua 4:21-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Eaba o re ho Baiseraele: “Ha bana ba lona ba botsa bo-ntate ba bona nakong e tlang ba re, ‘Majoe aa a bolela’ng?’+ 22 le hlalosetse bana ba lona le re: ‘Baiseraele ba ile ba tšela Jordane mobung o ommeng+ 23 ha Jehova Molimo oa lona a ne a etsa hore metsi a Jordane a khaotse ho phalla ho fihlela ba e tšetse feela joalokaha Jehova Molimo oa lona a entse Leoatleng le Lefubelu, ha a ne a le arola ka pel’a rona ho fihlela re le tšetse.+ 24 O entse lintho tsena e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba kamoo letsoho la Jehova le leng matla kateng+ le bakeng sa hore le lule le tšaba Jehova Molimo oa lona.’”
-