-
Daniele 9:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Baiseraele bohle ba tlotse molao oa hao ebile ba u fetohetse ka hore ba se ke ba mamela lentsoe la hao. Ka lebaka leo, u ile oa re tlisetsa thohako ho ea ka kano e ngotsoeng Molaong oa Moshe mohlanka oa hao+ hobane re u sitetsoe. 12 U phethahalitse seo u ileng oa se bua ka rona+ le ka babusi ba rona* ka ho re tlisetsa tlokotsi e kholo. Mahlomola a bileng teng Jerusalema ha a e-s’o ka a e-ba teng lefatšeng lohle.+
-