-
2 Marena 25:4-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Ho ile ha lihuoa lebota la motse+ ’me masole ’ohle a Jerusalema a baleha bosiu a tsoa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabeli haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba pota-potile motse. Morena Tsedekia a baleha ka tsela e eang Araba.+ 5 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a mo fumana lehoatateng la Jeriko, masole ’ohle a hae a ne a balehile. 6 A tšoara morena+ ’me a mo tlisa ho morena oa Babilona Ribla eaba oa ahloloa. 7 A bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo a hae ’me Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka liketane tsa koporo eaba o mo isa Babilona.+
-
-
Jeremia 52:7-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Qetellong lerako la motse la heletsoa ’me masole ’ohle a baleha motseng bosiu. A tsoa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabeli e haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba pota-potile motse. A ’na a baleha ka tsela ea Araba.+ 8 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a fumana Tsedekia+ lehoatateng la Jeriko. Masole ’ohle a hae a ne a balehile. 9 A tšoara Morena Tsedekia a mo tlisa Ribla ho morena oa Babilona naheng ea Hamathe eaba oa mo ahlola. 10 Morena oa Babilona a bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo a hae. A bolaela le likhosana tsohle tsa Juda Ribla. 11 Ka mor’a moo, morena oa Babilona a foufatsa Tsedekia,+ a mo tlama ka liketane tsa koporo, a mo tlisa Babilona ’me a mo koalla ho fihlela letsatsing la lefu la hae.
-