-
Deuteronoma 6:1, 2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Joale tsena ke litaelo le melao eo Jehova Molimo oa lona a faneng ka eona ho le ruta e le hore le tle le e phethe ha le tšelela naheng eo le tla e nka hore e be ea lona. 2 Le tšabe Jehova Molimo oa lona ka matsatsi ’ohle a bophelo ba lona ’me le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le bolellang tsona, lona le bara ba lona le litloholo tsa lona+ e le hore le ka phela nako e telele.+
-