-
Jeremia 42:17, 18Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Batho bohle ba ikemiselitseng ho ea Egepeta hore ba lule teng ba tla bolaoa ka sabole, tlala le lefu la seoa. Ha ho le ea mong oa bona ea tla pholoha kapa a balehe tlokotsi eo ke tla ba tlisetsa eona.”’
18 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Haeba le ka ea Egepeta, ke tla le halefela joalokaha ke ile ka halefela baahi ba Jerusalema.+ Batho ba tla tšoha ha ba le bona. Le tla rohakoa, le songoe, le nyefoloe+ ’me ha le sa tla hlola le bona sebaka sena.’
-