Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 16:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Re utloile ka boikakaso ba Moabe. O ikakasa haholo.+

      Re utloile ka boikhohomoso ba hae, boikakaso ba hae le khalefo ea hae+

      Empa mantsoe a hae a se nang thuso a ke ke a phethahala.

  • Esaia 25:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Letsoho la Jehova le tla sireletsa* thaba ena,+

      Moabe e tla hatakeloa sebakeng sa eona+

      Joaloka joang bo hatakeloang hore bo etsoe qubu ea moiteli.

      11 O tla otlolla matsoho a otle Moabe

      Joalokaha motho ea sesang a otla metsi ka matsoho hore a sese

      ’Me o tla kokobetsa boikhohomoso ba eona+

      A sebelisa matsoho a hae ka tsela e hloahloa.

  • Sofonia 2:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: “Ke le tiisetsa ka ’na Molimo ea phelang,

      Moabe e tla tšoana le Sodoma,+

      Amone e tšoane le Gomora,+

      E be lehoatata le nang le bobatsi le sekoti sa letsoai.+

      Batho ba ka ba setseng ba tla ba tlatlapa

      ’Me ba ba nkele naha.

      10 Ba tla hlaheloa ke lintho tsena hobane ba ikhohomosa,+

      Ba rohaka batho ba Jehova oa mabotho ba bile ba ithorisetsa bona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela