8 Masimo a Heshbone+ a ponne
Le sefate sa morara sa Sibma,+
Babusi ba lichaba ba khaotse makala a sona a bofubelu bo khanyang.
A ne a namme ho ea fihla Jazere,+
A fihla lefeelleng.
Letlobo la sona le ne le namme ho ea fihla leoatleng.
9 Ke kahoo ke tla llela sefate sa morara sa Sibma joalokaha ke llela Jazere.
Ke tla u tšela ka likhapha, uena Heshbone le uena Eleale+
Hobane mohoo o etsoang ka lebaka la litholoana tsa hao tsa lehlabula le kotulo ea hao o felile.