-
2 Marena 24:17-20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Morena oa Babilona a khetha Matania rangoane oa Jojakine+ hore e be morena ’me a fetola lebitso la hae hore e be Tsedekia.+
18 Tsedekia o ne a le lilemo li 21 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 11. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia ea tsoang Libna. 19 Tsedekia o ile a etsa lintho tsohle tseo Jojakime a li entseng tse sa thabiseng Jehova.+ 20 Lintho tseo batho ba Jerusalema le Juda ba ileng ba li etsa li ile tsa halefisa Jehova hoo a ileng a ba leleka ka pel’a mahlo a hae.+ Tsedekia a fetohela morena oa Babilona.+
-