Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:53-57
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 53 Kaha le tla be le thibeletsoe ebile le hateletsoe ke lira tsa lona, le tla lokela ho ja bana* ba lona e leng bara le barali ba lona+ bao Jehova Molimo oa lona a le fileng bona.

      54 Esita le monna ea bonolo le ea phelang hamonate har’a lona a ke ke a qenehela ngoan’abo, mosali oa hae ea ratehang kapa bara ba hae ba setseng. 55 A ke ke a ba arolela nama ea bara ba hae eo a tla e ja hobane ha aa salloa ke letho ka lebaka la ho thibelloa ka thata le khatello eo lira tsa lona li le tlisetsang eona ka har’a metse ea lona.+ 56 Mosali ea bonolo le ea phelang hamonate har’a lona ea neng a ke ke a nahana ho beha leoto la hae fatše hobane a phela hamonate,+ a ke ke a qenehela monna oa hae ea ratehang, mora kapa morali oa hae, 57 esita le thari e tsoang pakeng tsa maoto a hae le bara ba hae bao a ba tsoalang hobane o tla ba jella sephiring ka lebaka la ho thibelloa ka thata le khatello eo lira tsa lona li le tlisetsang eona ka har’a metse ea lona.

  • 2 Marena 25:3-7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ka letsatsi la borobong khoeling ea bone, ha e-ba le tlala e kholo+ motseng ’me batho ba ne ba se na lijo naheng eo.+ 4 Ho ile ha lihuoa lebota la motse+ ’me masole ’ohle a Jerusalema a baleha bosiu a tsoa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabeli haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba pota-potile motse. Morena Tsedekia a baleha ka tsela e eang Araba.+ 5 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a mo fumana lehoatateng la Jeriko, masole ’ohle a hae a ne a balehile. 6 A tšoara morena+ ’me a mo tlisa ho morena oa Babilona Ribla eaba oa ahloloa. 7 A bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo a hae ’me Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka liketane tsa koporo eaba o mo isa Babilona.+

  • Esaia 3:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho,

      O amoha baahi ba Jerusalema le Juda ntho e ’ngoe le e ’ngoe,

      Metsi le bohobe,+

  • Ezekiele 4:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 A boela a re ho ’na: “Mor’a motho, ke etsa hore ho se ke ha e-ba le lijo* Jerusalema.+ Baahi ba moo ba tla ja bohobe bo lekantsoeng ba tšoenyehile+ le metsi ba tla noa a lekantsoeng ba tšohile haholo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela