-
2 Marena 25:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a nka batho bohle ba neng ba setse motseng, batho ba neng ba balehetse ho morena oa Babilona le sechaba sohle a ba isa botlamuoeng.+ 12 Mookameli oa balebeli a siea ba bang ba batho ba futsanehileng haholo hore ba leme morara le ho etsa mesebetsi e lokelang ho etsoa.+
-
-
Jeremia 39:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuoeng, ba balehetseng ka lehlakoreng la hae le batho ba bang kaofela ba setseng, a ba isa Babilona.
10 Empa Nebuzaradane mookameli oa balebeli a siea ba bang ba batho ba futsanehileng ka ho fetisisa naheng ea Juda, ba se nang letho. Letsatsing leo, a boela a ba fa lirapa tsa morara le masimo hore ba sebetse.*+
-