-
2 Likronike 36:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.
-
-
Jeremia 25:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 “Ho tloha selemong sa bo13 sa puso ea Josiase+ mora oa Amone, morena oa Juda, ho fihlela hona joale, ka lilemo tsena tse 23, Jehova o ile a bua le ’na. Eaba ’na ke bua le lona ka makhetlo-khetlo* empa le ne le sa mamele.+ 4 Jehova o ile a roma bahlanka bohle ba hae ba baprofeta ho lona. O ile a ba roma ka makhetlo-khetlo* empa ha lea ka la mamela kapa la sekeha tsebe hore le utloe.+
-