Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 4:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Kahoo, Bafilista ba loana ’me ba hlola Baiseraele+ eaba kaofela ba balehela litenteng tsa bona. Ho ile ha bolaoa batho ba bangata. Ka lehlakoreng la Baiseraele ho ile ha shoa masole a 30 000. 11 Ho ekelletsa moo, Areka ea Molimo e ile ea haptjoa ’me bara ba babeli ba Eli e leng Hofni le Finease ba shoa.+

  • Pesaleme 78:60
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 60 Qetellong a furalla tabernakele ea Shilo,+

      Tente eo a neng a lula ho eona har’a batho.+

  • Jeremia 26:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 U re ho bona: “Jehova o re: ‘Haeba le sa ’mamele ka hore le latele molao* oa ka oo ke le fileng oona

  • Jeremia 26:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 ke tla etsa hore ntlo ena e be joaloka Shilo,+ ke felise motse ona ’me lichaba tsohle tsa lefatše li tla etsa mohlala ka oona ha li bua ka metse e rohakiloeng.’”’”+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Jehova o lahlile aletare ea hae.

      O furaletse sehalalelo sa hae.+

      O nehelane ka mehaho ea Sione e melelele e sireletsehileng.+

      Ba entse lerata ka tlung ea Jehova+ ekare ke letsatsi la mokete.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela