Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 4:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Ha le phahamisetsa mahlo a lona maholimong ’me le bona letsatsi le khoeli le linaleli, e leng makhotla ’ohle a maholimo, le se ke la lekeha hore le a sebeletse kapa lea inamele.+ Jehova Molimo oa lona oa file lichaba tsohle tse tlas’a maholimo ’ohle.

  • 2 Marena 17:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ha ba aa ka ba mamela melao eohle ea Jehova Molimo oa bona eaba ba iketsetsa manamane a mabeli+ a tšepe* le palo e halalelang.*+ Ba khumamela makhotla ’ohle a leholimo+ ’me ba sebeletsa le Baale.+

  • 2 Marena 21:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Manase+ o ne a le lilemo li 12 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 55.+ Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Hefziba.

  • 2 Marena 21:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 A haha bocha libaka tse phahameng tseo ntate oa hae Ezekiase a neng a li sentse+ ’me a etsetsa Baale lialetare le palo e halalelang*+ feela joalokaha Akabe morena oa Iseraele a ne a entse.+ O ile a inamela makhotla ’ohle a leholimo le ho a sebeletsa.+

  • Jeremia 19:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla silafala joaloka Tofethe+ hobane ba ile ba etsetsa makhotla ’ohle a maholimo mahlabelo marulelong a ’ona+ ’me ba tšella melimo e meng linyehelo tsa lino moo.’”+

  • Ezekiele 8:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 A ntlisa lebaleng le ka hare la ntlo ea Jehova.+ Monyako oa tempele ea Jehova, pakeng tsa foranta le aletare, ho ne ho e-na le banna ba ka bang 25 ba furaletseng tempele ea Jehova, lifahleho tsa bona li shebile ka bochabela. Ba ne ba khumamela letsatsi ba shebile ka bochabela.+

  • Sofonia 1:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Ke tla otla Juda

      Ke be ke otle baahi ba Jerusalema,

      Ke fiele mesaletsa ea Baale sebakeng sena,+

      Hammoho le baprista ba melimo esele le baprista ba bohata,+

       5 Ke felise bohle ba khumamelang lintho tsohle tse maholimong* ba le ka holim’a matlo a bona+

      Le ba khumamelang Jehova ba ikana hore ba tla mo tšepahalla+

      Empa ba boetse ba ikana hore ba tla tšepahalla Malkame+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela