14 Jehova a re ho ’na: “Baprofeta bao ba profeta mashano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, ka ba laela kapa ka bua le bona.+ Ba le bolella pono ea bohata, bonohe bo se nang thuso le mashano ao ba iqapetseng ’ona.*+
15 Ha kea ba roma empa ba profeta mashano ka lebitso la ka. Ha le ka ba mamela, ke tla le qhalakanya ’me le tla shoa, lona le baprofeta ba le profetelang,” ke Jehova ea chong.+
8 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: “Le se ke la lumela ho thetsoa ke linohe le baprofeta ba har’a lona+ hape le se ke la mamela litoro tseo ba li lorang. 9 Jehova o re: ‘Ba le profetela mashano ka lebitso la ka. Ha kea ba roma.’”+