Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 22:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Morena a re ho moprista Hilkia, Akikame+ mora oa Shafane, Akbore mora oa Mikaia, mongoli Shafane le Asaia mohlanka oa morena: 13 “Tsamaeang le e’o mpotsetsa ho Jehova, le botsetse le batho le Bajuda bohle mabapi le mantsoe a buka ena e fumanoeng. Jehova o re halefetse haholo+ hobane baholo-holo ba rona ha baa mamela litaelo tsohle tseo re li ngoletsoeng bukeng ena.”

  • Jeremia 39:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Kahoo, Nebuzaradane mookameli oa balebeli, Nebushazbane Morabsarise,* Nergale-sharezere Morabemake* le banna bohle ba ka sehloohong ba morena oa Babilona ba roma banna 14 hore ba tlose Jeremia Lebaleng la Balebeli+ ’me ba mo ise ho mora oa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ hore a ee ntlong ea Gedalia. Kahoo, Jeremia a lokolloa ’me a phela le sechaba.

  • Jeremia 40:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Pele Jeremia a etsa qeto ea hore a khutle, Nebuzaradane a re: “Khutla u ee ho mora oa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ eo morena oa Babilona a mo khethileng hore a okamele metse ea Juda ’me u lule le eena har’a sechaba kapa u ee hohle moo u batlang.”

      Mookameli oa balebeli a mo fa lijo le mpho eaba o mo lokolla hore a tsamaee.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela