Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 25:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 ke bitsa batho ba lichaba tsohle tsa leboea,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke bitsa Nebukadnezare* morena oa Babilona, mohlanka oa ka.+ Ke tla ba tlisa hore ba futuhele naha ena,+ baahi ba eona le lichaba tsena tsohle tse e potolohileng.+ Ke tla le felisa ’moho le lichaba tsena, ke le etse ntho e tšosang le ntho e letsetsoang mololi, ke etse hore le senyehele ruri.

  • Jeremia 28:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Etsoe Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: “Ke tla beha joko ea tšepe melaleng ea lichaba tsena tsohle hore li sebeletse Morena Nebukadnezare oa Babilona ’me li tla mo sebeletsa.+ Ke tla mo fa esita le libata tsa naha.”’”+

  • Jeremia 43:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 U re ho bona: ‘Jehova oa mabotho e leng Molimo oa Iseraele o re: “Ke bitsa Nebukadnezare* morena oa Babilona, mohlanka oa ka.+ Ke tla beha terone ea hae holim’a majoe ana ao ke a patileng ’me o tla hloma tente ea hae ea borena holim’a ’ona.+

  • Daniele 2:37, 38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 37 Morena, u morena oa marena eo Molimo oa leholimo a mo fileng ’muso,+ matla le khanya. 38 Hape o entse hore u buse batho hohle moo ba lulang teng hammoho le libata tsa naheng le linonyana tsa leholimo, o entse hore u li buse kaofela.+ Hlooho ea khauta ke uena.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela