-
2 Marena 24:14, 15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Morena Nebukadnezare a isa batho ba 10 000 ba Jerusalema botlamuoeng e leng likhosana tsohle,+ banna bohle ba matla, litsebi tsa mosebetsi oa matsoho le ba sebetsang ka tšepe.*+ Ba nka batho bohle naheng ntle le ba futsanehileng haholo.+ 15 A isa Jojakine+ botlamuoeng Babilona.+ A boela a tlosa ’mè oa morena, basali ba morena, balaoli ba lekhotla le banna ba hlomphehang naheng ba neng ba le Jerusalema eaba o ba isa botlamuoeng Babilona.
-
-
Jeremia 24:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Eaba Jehova o mpontša libaskete tse peli tsa lifeie* tse behiloeng ka pel’a tempele ea Jehova. O ile a mpontša tsona ka mor’a hore Nebukadnezare* morena oa Babilona a hape Jekonia*+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda hammoho le likhosana tsa Juda, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le batho ba sebetsang ka tšepe.* O ile a ba tlosa Jerusalema a ba isa Babilona.+
-
-
Daniele 1:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Ha nako e ntse e ea, Jehova a nehelana ka Morena Jojakime oa Juda letsohong la Nebukadnezare+ hammoho le tse ling tsa lisebelisoa tsa ntlo* ea Molimo oa ’nete. Nebukadnezare o ile a tlisa lisebelisoa tseo naheng ea Shinare*+ ka tlung* ea molimo oa hae eaba o li beha matlotlong a molimo oa hae.+
3 Ka mor’a moo, morena a re Ashpenaze molaoli oa hae oa lekhotla ea ka sehloohong a tlise ba bang ba Baiseraele,* ho akareletsa le bana ba leloko la borena le la bahlomphehi.+
-