18 Jehova o re:
“Ke tla lata bana ba Jakobo ba hapuoeng,+
Ke ba hauhele ’me ke lokise moo ba lulang.
Motse o tla boela o hahoe moo o neng o hahiloe pele,+
Ntlo ea boreneng e tla ema moo ho loketseng.
19 Ba tla leboha, ba hoeletse ba thabile.+
Ke tla ba atisa, ba ke ke ba fokotseha,+
Ke tla eketsa palo ea bona
’Me ba ke ke ba khelloa fatše.+