Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 33:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ke tla ba tšoarela libe le liphoso tsohle tseo ba nketselitseng tsona e le hore ba hloeke.+

  • Jeremia 50:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Jehova o re: “Matsatsing ao le ka nako eo,

      Molato oa Iseraele o tla batloa

      Empa ho ke ke ha fumanoa letho.

      Libe tsa Juda li tla batloa empa li ke ke tsa fumanoa

      Etsoe ke tla tšoarela bao ke ba tlohetseng ba ntse ba phela.”+

  • Matheu 26:27, 28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Hape, a nka senoelo se tšetseng veine, a leboha Molimo, a ba fa sona a re: “Nkang le noe kaofela ha lona+ 28 kaha veine ena e emela mali+ a ka e leng ‘mali a selekane,’+ a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata+ hore ba tšoareloe libe.+

  • Baheberu 8:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 ‘Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao oa ka ka likelellong tsa bona, ke o ngole lipelong tsa bona.+ Ke tla ba Molimo oa bona ’me bona e tla ba batho ba ka,’+ ke Jehova ea chong.*

      11 ‘Ba ke ke ba hlola ba ruta baahisani ba bona le bana ba bo bona ba re: “Tsebang Jehova”* hobane kaofela ba tla ntseba, ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui. 12 Ke tla ba tšoarela liphoso tsa bona ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.’”+

  • Baheberu 9:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ka lebaka leo, Kreste ke ’muelli selekaneng se secha.+ Ka lefu la hae o ile a lopolla batho ka ho lefella libe+ tseo ba li entseng selekaneng sa khale e le hore ba bitsitsoeng ba ka fumana tšepiso ea bophelo bo sa feleng.+

  • Baheberu 10:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ka mor’a moo o re: “Ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona le liketso tsa bona tse mpe.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela