12 E-ea ka leboea ’me u phatlalatse mantsoe ana u re:+
‘Jehova o re: “Khutla, uena Iseraele oa mokoenehi.+ Nke ke ka u halefela*+ hobane kea tšepahala,” ke Jehova ea chong. “Nke ke ka lula ke u halefetse ho ea ho ile.
37 Jehova o re: “‘Feela joalokaha maholimo a ke ke a methoa le metheo ea lefatše e ke ke ea tsejoa hantle, nke ke ka lahla bana bohle ba Iseraele ho sa tsotellehe lintho tsohle tseo ba li entseng,’ ke Jehova ea chong.”+
40 Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona,+ sa hore nke ke ka tlohela ho ba etsa hantle.+ Ke tla etsa hore ba ntlhomphe e le hore ba se ke ba mphuralla.+