-
Deuteronoma 28:54-57Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
54 Esita le monna ea bonolo le ea phelang hamonate har’a lona a ke ke a qenehela ngoan’abo, mosali oa hae ea ratehang kapa bara ba hae ba setseng. 55 A ke ke a ba arolela nama ea bara ba hae eo a tla e ja hobane ha aa salloa ke letho ka lebaka la ho thibelloa ka thata le khatello eo lira tsa lona li le tlisetsang eona ka har’a metse ea lona.+ 56 Mosali ea bonolo le ea phelang hamonate har’a lona ea neng a ke ke a nahana ho beha leoto la hae fatše hobane a phela hamonate,+ a ke ke a qenehela monna oa hae ea ratehang, mora kapa morali oa hae, 57 esita le thari e tsoang pakeng tsa maoto a hae le bara ba hae bao a ba tsoalang hobane o tla ba jella sephiring ka lebaka la ho thibelloa ka thata le khatello eo lira tsa lona li le tlisetsang eona ka har’a metse ea lona.
-