25 Jehova o tla etsa hore lira tsa lona li le hlole.+ Le tla li hlasela le hlaha lehlakoreng le le leng empa le tla li baleha ka mahlakore a supileng a fapaneng. Mebuso eohle ea lefatše+ e tla tšoha ha e bona lintho tsohle tse mpe tse le hlahelang.
65 Le ke ke la e-ba le khotso har’a lichaba tseo+ kapa la e-ba le sebaka sa bolulo. Ho e-na le hoo, Jehova o tla etsa hore le tšoenyehe,+ mahlo a lona a fifale le be le nyahame.+