-
Numere 16:39, 40Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
39 Kahoo, moprista Eleazare a nka lipane tsa mollo tsa koporo tse neng li hlahisitsoe ke ba ileng ba chesoa ’me a li tula bakeng sa ho li manamisa aletareng 40 feela joalokaha Jehova a ne a buile le eena ka Moshe. E ne e le ntho e hopotsang Baiseraele hore motho ea sa lumelloang* ha aa lokela ho atamela hore a chese libano ka pel’a Jehova,+ le hore ho se ke ha e-ba le motho ea tšoanang le Kora le batšehetsi ba hae.+
-
-
Ezekiele 44:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Ha e le baprista ba Balevi e leng bara ba Tsadoke+ ba ileng ba hlokomela sehalalelo sa ka ha Baiseraele ba ne ba ntahlile,+ ba tla tla ka pel’a ka hore ba ntšebeletse ’me ba tla ema ka pel’a ka hore ba ntlisetse mafura+ le mali,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong. 16 ‘Ke bona ba tla kena ka sehalalelong sa ka ’me ba tle tafoleng ea ka hore ba ntšebeletse+ ba be ba etse mesebetsi eo ba lokelang ho nketsetsa eona.+
-