Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 28:40
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 40 U boele u etsetse bara ba Arone liaparo tse telele, mabanta le masela a roaloang hloohong+ bakeng sa khanya le botle.+

  • Exoda 29:8, 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 U tlise bara ba hae ’me u ba apese liaparo tse telele.+ 9 U tlame Arone le bara ba hae ka mabanta ’me u ba roese masela a roaloang hloohong. Bona le litloholo tsa bona e tla ba baprista ’me molao ona o tla lula o le teng.+ Ena ke tsela eo u lokelang ho hlomamisa Arone le bara ba hae ka eona hore ba sebeletse e le baprista.+

  • Levitike 8:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Moshe a atametsa bara ba Arone, a ba apesa liaparo tse telele tsa ka holimo ’me a ba tlama ka mabanta eaba o ba roesa* masela a roaloang hloohong+ feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.

  • Ezekiele 44:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Pele ba ea ka lebaleng le ka ntle moo ho nang le batho, ba lokela ho hlobola liaparo tseo ba neng ba li apere ha ba ne ba sebetsa+ ’me ba li behe ka likamoreng tsa ho jela tse halalelang.*+ Ba apare liaparo tse ling e le hore ba se ke ba fetisetsa ho halalela* ho batho ba bang ka liaparo tseo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela