-
Esaia 11:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Letsatsing leo, Jehova o tla ithaopela ho bontša matla a hae ka lekhetlo la bobeli, bakeng sa ho lata batho ba hae ba setseng Asiria,+ Egepeta,+ Pathrose,+ Kushe,+ Elame,+ Shinare,* Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+ 12 O tla phahamisetsa lichaba letšoao* ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele.+ Ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše.+
-
-
Jeremia 30:10, 11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Jehova o re: “Uena Jakobo mohlanka oa ka, u se ke oa tšoha,
U se ke oa haroha letsoalo, uena Iseraele.+
Etsoe ke tla u pholosa u le hole,
Ke pholose le bana ba hao naheng eo ba isitsoeng ho eona ha ba ne ba haptjoa.+
Jakobo o tla khutla ’me a phele ka khotso le khutso,
Ho se na motho ea tla mo tšosa.”+
11 Jehova o re: “Ke na le uena ho u pholosa
Empa ke tla felisa lichaba tsohle tseo ke u hasanyelitseng ho tsona.+
Leha ho le joalo, uena nke ke ka u felisa.+
-
-
Ezekiele 34:13, 14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 ke li ntše har’a lichaba, ke li bokelle hammoho ho tsoa linaheng ke be ke li tlise naheng ea tsona. Ke tla li fepa thabeng ea Iseraele,+ pel’a linokana le libaka tseo ho luloang ho tsona, 14 ke li fulise makhulong a matle ’me li tla fula lithabeng tse phahameng tsa Iseraele.+ Li tla lula moo naheng e nang le makhulo a matle+ ebile li tla fula lithabeng tsa Iseraele tse nang le makhulo a matle.’
-
-
Amose 9:14, 15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Ke tla lata sechaba sa ka sa Iseraele se neng se hapuoe,+
Ba tla nchafatsa metse ea bona ’me ba lule ho eona,+
Ba tla lema masimo a morara ebe ba noa veine ea oona,+
Ba be ba je lintho tseo ba li lemmeng masimong a bona.’+
15 Hape Jehova Molimo oa lona o re:
‘Ke tla tsitsisa Baiseraele naheng ea bona,
Ba ke ke ba hlola ba tlosoa naheng eo ke ba fileng eona.’”+
-