Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 55:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae,+

      A tlohele ho nahana bokhopo.

      A ke a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela,+

      A khutlele ho Molimo oa rona hobane o tla mo tšoarela ka pelo eohle.*+

  • Ezekiele 3:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Empa haeba u mo lemositse hore a se ke a etsa sebe ebe ha a se etse, o tla phela hobane u mo lemositse.+ Le uena u tla pholosoa.”

  • Ezekiele 33:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Mor’a motho, e-re ho sechaba sa heno, ‘Lintho tse ntle tseo motho ea lokileng a li etsang, li ke ke tsa mo pholosa haeba a mphetohela+ le motho ea khopo a ke ke a shoa ka lebaka la lintho tse mpe tseo a neng a li etsa haeba a li tlohela.+ Motho ea lokileng le eena ha a etsa sebe, a ke ke a tsoela pele a phela ka lebaka la lintho tse ntle tseo a neng a li etsa.+

  • Ezekiele 33:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Empa ha motho ea khopo a fetoha ’me a tlohela ho etsa lintho tse mpe, a e-na le toka a bile a etsa tse ntle, o tla tsoela pele a phela ka lebaka la tsona.+

  • Liketso 3:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Bakang+ ’me le sokolohe,+ libe tsa lona li tle li hlakoloe+ e le hore Jehova* a ka le khatholla*

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela