28 Kaofela ha bona ke batho ba manganga,+
Ba tsamaea hohle ba ntse ba etselletsa batho ba bang.+
Ba tšoana le koporo le tšepe,
Kaofela ha bona ba tletse bobolu.
29 Mosebetsi o sebelitse ka thata ho hloekisa tšepe,
Hoo le lisebelisoa tsa hae li cheleng.
Empa ha ho na thuso hobane ho itsoela loto feela mollong.+
Batho ba khopo ha baa tlosoa sechabeng.+
30 Ruri batho ba tla ba bitsa silevera e lahliloeng
Hobane Jehova o ba lahlile.”+