-
Ezekiele 16:36, 37Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
36 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Kaha u bontšitse hore u na le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano ebile batho ba u bone u sa apara nakong eo u neng u etsa botekatse le batho bao u neng u ba rata, hammoho le melimo ea litšoantšo e nyonyehang*+ eo u ileng oa e etsetsa mahlabelo ka mali a bara ba hao,+ 37 ke bokella batho bohle bao u neng u ba rata, bao u kileng oa etsa botekatse le bona le batho bohle bao u ba hloileng. Ke tla ba bokella ho tsoa libakeng tsohle hore ba u loantše ke be ke etse hore ba u bone u sa apara letho.+
-