Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ezekiele 27:32, 33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Ba tla u binela koli-ea-malla ba ntse ba lla ba re:

      ‘Ke mang ea tšoanang le Tire ea felisitsoeng* bohareng ba leoatle?+

      33 Ha thepa ea hao e tsoang leoatleng e fihla, u ne u khotsofatsa lichaba tse ngata.+

      Maruo a hao a mangata le lintho tseo u neng u li rekisa li ne li ruisa marena a lefatše.+

  • Ezekiele 28:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Bokhoni ba hao ba ho etsa khoebo bo entse hore u rue haholo,+

      U ne u ikhohomosa hobane u le morui.’”

  • Ezekiele 28:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 U silafalitse libaka tsa hao tse halalelang ka liphoso tsa hao tse ngata le ka ho etsa likhoebo tse sa tšepahaleng.

      Ke tla romela mollo ho uena hore o u chese,+

      Ke u etse molora lefatšeng ka pel’a batho bohle ba u bonang.

  • Zakaria 9:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Tire e ikahetse lerako* hore e itšireletse.

      E bokeletse silevera joaloka lerole

      Le khauta joalo ka matlakala a literateng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela