Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 30:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Ba theohela Egepeta+ ba sa bua le ’na,*+

      Ho batla tšireletso ho Faro*

      Le ho tšabela moriting oa Egepeta.

  • Esaia 36:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Kahoo, Rabshake a re ho bona: “Ke kopa le re ho Ezekiase, ‘Morena e moholo, morena oa Asiria o re: “U tšepile’ng?+

  • Esaia 36:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 U tšepile hore u tla itšetleha ka Egepeta, lehlaka le robehileng, le ka hlabang la ba la phunya seatla sa motho ea ka itšetlehang ka lona. Faro morena oa Egepeta, o joalo ho bohle ba mo tšepang.+

  • Jeremia 2:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Joale ke hobane’ng ha u rata tsela e eang Egepeta+

      Ho ea noa metsi a Shihore?*

      Ke hobane’ng ha u rata tsela e eang Asiria+

      Ho ea noa metsi a Noka ea Eufrate?

  • Jeremia 37:5-7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ka nako eo, Bakalde ba ne ba thibeletse Jerusalema. Eitse ha ba utloa hore lebotho la Faro le tla le tsoa Egepeta,+ ba ikhula hore ba se ke ba futuhela Jerusalema.+ 6 Joale Jehova a re ho moprofeta Jeremia: 7 “ ’Na, Jehova Molimo oa Iseraele ke re ho baromuoa ba Morena Tsedekia: ‘Le tle le re ho morena oa Juda ea le rometseng ho ’na: “Masole a Faro a tlang ho tla u thusa a tla lokela ho khutlela Egepeta naheng ea ’ona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela