9 Baiseraele ba ne ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova Molimo oa bona. Ba ne ba ntse ba haha libaka tse phahameng metseng eohle ea bona,+ ho tloha toreng ea ho lebela ho ea fihla motseng o sireletsehileng.*
14 Sechaba le balaoli bohle ba baprista ba ne ba sa tšepahale, ba etsa lintho tsohle tse nyonyehang tse neng li etsoa ke lichaba tse ling. Ba silafatsa ntlo ea Jehova+ eo a neng a e hloekisitse Jerusalema.